Jwale ka ha ho na le nnete ya tlhaho e laolang tlhaho, ho na le nnete ya moya e laolang kamano ya hao le Modimo.


1.NNETE YA PELE

MODIMO WA O RATA, MME O NA LE MORERO O MAKATSANG KA BOPHELO BA HAO.

Haeba e le ntho e ka etsahalang, etsa hore o bale dirapa tsohle tseo ho tsona ho qotsitsweng ditemana tsohle tse hlahisitsoeng bukaneng ena.)

LERATO LA MODIMO
"Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa oona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng." (Johanne 3:16)

MORERO WA MODIMO
(Kreste o itse) "Ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa." (hore bophelo bo felle mme bo bolele ho hong ho batho) (Johanne 10:10).

Ke hobaneng ha batho ba bangata ba se na bophelo bona bo fetisisang na?

Hobane...


2. NNETE YA BOBEDI

MOTHO O NA LE DIBE MME O AROHANE LE MODIMO, KA LEBAKA LENA O SITWA HO TSEBA LE HO UTLWA LERATO LA MODIMO LE MORERO WA OONA KA BOPHELO BA HAE.

MOTHO O NA LE DIBE
"Hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo." (Baroma 3:23)

Motho o bopetswe ho ba le kopano le Modimo: empa ka lebaka la manganga le ho rata ho iketsetsa boithatelo, motho o ile a ikgethela ho inkela tselana ya hae e mo arohanyang le Modimo mme hona ha senya kopano ea hae le Modimo. Boithatelo bona ba motho bo totobatswang ke maikutlo a ho lwantsha Modimo le ho iphapanyetsa oona, ke ponahatso ya seo Bibele e se bitsang sebe.

MOTHO O AROHANE
"Hobane moputso wa sebe ke lefu;" (karahano ya moya wa hao le Modimo) (Baroma 6:23)

seso1

Modimo wa halalela mme motho yena ke moetsadibe. Kgohlo e kgolo e arohanya motho wa moetsadibe le Modimo. Ka dinako tsohle motho o ntse a leka ka ditsela tsa hae ho fihlella Modimo le bophelo bona bo fetisisang. O leka ka bophelo bo botle, melao ya boitshwaro, jwalo-jwalo, empa boiteko bohle ba hae ha bo thuse letho.

Nnete Ya Boraro ke oona feela oo e 
leng karabo ya bothata bona...


3. NNETE YA BORARO

JESU KRESTE KE YENA FEELA THUSO EO MODIMO O E NEILENG BATHO HORE BA PHOLOHE LIBENG TSA BONA. KA JESU O KA TSEBA LERATO LA MODIMO LE MORERO WA OONA WA BOPHELO BA HAO.

O SHWELE SEBAKENG SA RONA
"Empa moo Modimo o totisitseng lerato la oona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona." (Baroma 5:8)

O TSOHILE BAFUNG
"A ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane. a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo." (Diketso 1:3)

KE YENA FEELA TSELA?
"Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, ha e se ka nna." (Johanne 14:6)

seso2

Ka ho romela Jesu Kreste Mora wa oona, ho tla shwa sefapanong sebakeng sa rona, Modimo o entse borokgo bo tshelang kgohlo e neng e re arohanya le oona.

Ha ho a lekana ho tseba feela nnete tsena tse tharo....


4.NNETE YA BONE

MOTHO E MONG LE E MONG BONNGWENG BA HAE O LOKELA HO AMOHELA JESU KRESTE E LE MOPHOLOS' LE MORENA; MME HO TLOHA MOO RE KA TSEBA MME RA BA RA UTLWA LERATO LA MODIMO LE MORERO WA OONA KA MOPHELO BA RONA.

RE TSHWANETSE HO AMOHELA KRESTE
"Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bane ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona." (Johanne 1:12)

RE AMOHELA KRESTE KA TUMELO
"Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo: hase ka mesebetsi, ho tle ho se ke ha eba motho ya ithorisang." (Baefese 2:8,9)

RE AMOHELA KRESTE KA MEMO E TOBANENG LE MOTHO E MONG LE E MONG
(Kreste ha a bua o re): "Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae." (Tshenolo 3:20).
Ho amohela Kreste ke ha re furalla thato ya rona mme re tla ho Modimo, re tshepa hore Kreste o tla kena bophelong ba rona, mme a re tshwarele dibe tsa rona a be a re etse seo a ratang hore re be sona. Ha ho a lekana hore motho a dumele feela ka molomo kapa ka kelello seo Jesu a ipolelang hore o sona, hape ha ho a lekana hore motho a be le maikutlo a itseng feela.

seso3

Ke sedikadikwe sefe se supang bophelo bo nao na?
Ke sedikadikwe sefe seo o ratang hore se supe bophelo ba hao na?

Tihaloso e latelang ke ya hore o ka amohela Kreste jwang:


O KA AMOHELA KRESTE HONA JWALE KA TUMELO EO O KA E BOLELANG KA THAPELO
(Ho rapela ke ho bua le Modimo).

Modimo o tseba pelo ya hao mme ha o tsotelle ha kakang mantswe a hao, empa o tsotella haholo maikutlo kapa morero wa pelo ya hao.

Thapelo ena e latelang ke mohlala feela:

"MORENA JESU, KEA ELELLWA HORE KE NE KE NTSE KE LAOLA BOPHELO BA KA MME KE O SITETSWE. KE BULA MONYAKO WA PELO YA KA HONA JWALE MME KE O AMOHELA O LE MOPHOLOSI LE MORENA WA KA. DULA TERONENG YA BOPHELO BA KA MME O BO LAOLE. NKETSE MOTHO EO O RATANG HORE KE BE YENA."

Na thapelo ena e hlahisa takatso ya pelo ya hao na?
Haeba e e hlahisa, rapela thapelo ena hona jwale, mme Kreste o tla kena bophelong ba hao jwale ka ha a tshepisitse.


O KA TSEBA JWANG NA HORE KRESTE O KA HARE HO BOPHELO BA HAO NA?

Na o amohetse Kreste bophelong ba hao na? Ho latela tshepiso eo Kreste a e entseng ho Tshenolo 3:20, Kreste o ho kae hona jwale na bophelong ba hao? Kreste o itse o tla kena ka hare ho bophelo ba hao Na o tla o kgelosa na ? O tseba jwang na hore Modimo o arabile thapelo ya hao na? (O tseba ka lebaka la ho tshepahala ha Modimo le ka Lentswe la oona)

BATHO BOHLE BA AMOHELANG KRESTE, BIBELE E BA TSHEPISA BOPHELO BO SA FELENG

"Mme bopaki boo ke hoba Modimo o re neile bophelo bo sa feleng mme bophelo boo bo ho Mora wa oona. Ya nang le Mora, o na le bophelo: ya se nang Mora wa Modimo, ha a na bophelo. Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng." (I Johanne 5:11-13)

Leboha Modimo ka mehla ka Kreste ya teng bophelong bo hao le hore a ke ke a o tlohela (Baheberu 13: 5). O ka tseba hore Kreste ya phelang o ahile ka hare ho wena, le hore o na le bophelo bo sa feleng ho tloha ka nako eo o memang Jesu ka yona ho latela tshepiso ya hae. A ke ke a o thetsa.

Re reng ka maikutio na?


O SE KE WA ITSHETLEHA HODIMA MAIKUTLO A HAO

Re tshwanetse ho itshetleha hodima Lentswe la Modimo, e seng hodima maikutlo a rona. Mokreste o phela ka tumelo (tshepo) botshepehing ba Modimo le ba Lentswe la oona. Setshwantso sena sa terene se tshwantsa kamano dipakeng tsa nnete (Modimo le Lentswe la oona), tumelo (tshepo ya rona ho Modimo le Lentsweng la oona), le maikutlo (tswala ya tumelo le kutlo ya rona) (Johanne 14:21)

seso4

Terene e ka tsamaya e na le letoroko lo ho qetella kapa e se na lona. Empa e ka ba ntho e se nang thuso ho leka ho hula terene ka letoroko la ho qetela. Ka tsela a jwalo feela, rona Bakreste, ha re a itshetleha hodima maikutlo a rona: empa re behile tumelo (tshepo) ya rona botshepehing ba Modimo le ditshepisong tsa Lentswe la oona.


JWALE HE HA O SE O AMAHETSE KRESTE

Hang feela hoba o amohele Kreste, e leng ketso ya tumelo, ho se ho etsahetse lintho tse ngata, tseo tse ding tsa tsona e leng tse latelang:

  1. Kreste o kene bophelong ba hao. (Tshenolo 3:20 le Bakolosse 1:27)
  2. Dibe tsa hao di tshwaretswe (Bakolosse 1:14)
  3. O bile ngwana wa Modimo (Johanne 1:12)
  4. O qadile bophelo bo makatsang boo Modimo o neng o o bopele bona (Johanne 10:10; 2 Bakorinthe 5:14,15,17)

Na ho na le ntho e nngwe eo o ka e hopolang e ka etsahalang ho wena e makatsang ho feta ho amohela Kreste na? Na o rata ho leboha Modimo hona jwale ka thapelo na ka seo o o etseditseng sona na? Ho rapela Modimo ho bontsha tumelo ho oona.

Jwale?


DIKELETSO MABAPI LE HO HOLA HA BOKRESTE

Ho hole ha moya ho tswalwa ke ho tshepa Jesu Kreste. "Ya lokileng o tla phela ke tumelo" (Bagalata 3:11). Bophelo ba tumelo bo tla o thusa hore o nne o tswelepele ho tshepa Modimo karolong e nngwe le e nngwe ya bophelo ba hao, le ho o thusa ho etsa tsena tse latelang ka mehla:

  • Atamela Modimo ka thapelo ka mehla. (Johanne 15:7)
  • Bala Lentswe la Modimo ka mehla (Diketso 17:11)....qala ka Evangeli ya Johanne.
  • Utlwa Modimo ka motsotso o mong la o mong. (Johanne 14:21)
  • Eba paki ya Kreste ka bophelo ba hao le ka mantswe a hao. (Mattheu 4:19; Johanne 15:8)
  • Tshepa Modimo mabapi le karolo e nngwe le e nngwe ya bophelo ba hao. (1 Petrose 5:7)
  • Dumella Moya o Halalelang ho o tsamaisa le ho a nea matla a letsatsi le leng le le leng le matla a ho paka Kreste. (Bagalata 5:16,17; Diketso 1:8)

BOHLOKOA BA KOPANO YA BOKRESTE

Ho Baheberu 10:25 re eletswa hore "re se ke ra ngala diphuthetho tsa rona,...re mpe re kgothatsane..." Dipatsi tse ngata di etsa kganare e kgolohadi ya mollo ha di besitswe mmoho, empa ha o ka wa nka patsi e le nngwe e tukang mme wa e beha leifong le batang, e tla phakisa ho tima. Ho jwalo le ka kopano ya hao le Bakreste ba bang. Haeba ha o kene kereke moo Kreste a hlonephuwang teng le moo Lentswe la hae le bolelwang teng, nka kgato ho kopana ka mehla le batho ba bang ba fumaneng Kreste le bona e le Mopholosi wa bona mme ba tseba lerato la hae.

Na o rata ho bolella ba bang sena seo o se fumaneng na?


ADDITIONAL ASSISTANCE